BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 116:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;

2. hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka.

3. Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.

4. Empa ka rapela lebitso la Jehova, ka re: Oho Jehova, o boloke moya wa ka!

5. Jehova o lereko, o lokile, Modimo wa rona o tletse mohau.

6. Jehova o boloka ba bonolo; ke ne ke hlomohile, mme a tlisa thuso ho nna.

7. Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle.

8. Efela o ntshitse moya wa ka lefung, le mahlo a ka dillong, le maoto a ka kgothometsehong.

9. Ke tla nne ke tsamaye pela sefahleho sa Jehova, lefatsheng la ba phelang.

10. Ke dumetse, ke boletse ke hona. Ka na ka hlokofala ka mokgwa o fetisang!

11. Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi.

12. Ke tla busetsang ho Jehova? Melemo yohle ya hae e ho nna.

13. Ke tla emisa senwelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova;