BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 113:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo.

5. Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo;

6. o inamela ho nyarela mahodimong le lefatsheng.

7. O tsosa ya madimabe leroleng, o ntsha ya lesitsi thotobolong;

8. a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae.

9. Mosadi ya nyopileng o etsa hore a be le ntlo, o mo nea le bana bao a thabang ka bona. Bokang Jehova!