BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 111:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.

2. Mesebetsi ya Jehova e meholo, e batlisiswa ke bohle ba kgahlwang ke yona.

3. Seo a se etsang ke bokgabane le kganya, ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.

4. O etseditse mehlolo ya hae kgopotso.

5. Jehova o mohau, o lereko. O nea ba mo tshabang dijo; o hopola selekane sa hae kamehla le mehla.

6. O bonahaditse matla a diketso tsa hae ho setjhaba sa hae ka ho se nea lefa la ditjhaba.