BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 109:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo oo ke o rorisang, o se ke wa ikgutsetsa!

2. Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha;

3. ba bua le nna ka leleme le leshano, ba nteela hare ka mantswe a hloyo, ba ntwantshetsa lefeela!

4. Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.

5. Ba ntefela botle ka bobe, le lerato ka hloyo.

6. O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona.

7. A tlohe kahlolong a tswilwe, thapelo ya hae a e ballwe sebe!

8. Matsatsi a hae e be a se makae, e mong a ikgapele kabelo ya hae!

9. Bana ba hae e ke e be dikgutsana, mosadi wa hae e be mohlolohadi.

10. Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng.

11. Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.

12. A ho se be motho ya mo etsetsang mohau, ho se be ya utlwelang dikgutsana tsa hae bohloko!

13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.

14. Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;

15. di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!

16. Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona.

17. O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!