BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 106:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.

8. Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.

9. A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.

10. A ba namolela letsohong la ya ba hloileng, a ba lwela letsohong la sera;

11. metsi a kgurumetsa batubi ba bona, ha ho a ka ha sala le a mong.

12. Yaba ba dumela mantswe a hae, ba bina dithoko tsa hae.

13. Empa ba phakisa ba lebala diketso tsa hae, ha ba ka ba tshepa merero ya hae;

14. ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.

15. A ba nea ka takatso ya bona, empa a ba romela lefu le bolayang.

16. Ba honohela Moshe diahelong, le Aarone, mokgethwa wa Jehova.

17. Yaba lefatshe le a ngamoha, mme la metsa Dathane, la hohlometsa letshwele la Abirame.

18. Mollo wa hotela hara phutheho ya bona, malakabe a timetsa ba babe.