BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 106:40-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;

41. a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;

42. ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.

43. Hangata Jehova a ba lopolla, empa ba nna ba ikgantsha mererong ya bona, ba itahla ka bokgopo ba bona.

44. Leha ho le jwalo, a nna a tadima matshwenyeho a bona, a utlwa medumaelo ya bona;

45. a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,

46. mme a ba fumantsha mohau ho bohle ba neng ba ba isitse kgolehong.

47. Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.

48. Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho nka ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng! Mme setjhaba kaofela se ke se re: Amen! Bokang Jehova!