BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 106:31-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. taba eo a e ballwa, ya eba ho loka ho yena kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.

32. Ba o baka bohale metsing a Meriba, mme Moshe a hlahelwa ke kotsi ka baka la bona;

33. hobane ba halefisa moya wa hae, mme a bua ka molomo wa hae ka potlako.

34. Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,

35. ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;

36. ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.

37. Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,

38. ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara ba bona le a baradi ba bona, bao ba ba hlabetseng ditshwantsho tsa Kanana; mme naha ya silafala ke madi.

39. Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.

40. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;

41. a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;

42. ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.

43. Hangata Jehova a ba lopolla, empa ba nna ba ikgantsha mererong ya bona, ba itahla ka bokgopo ba bona.

44. Leha ho le jwalo, a nna a tadima matshwenyeho a bona, a utlwa medumaelo ya bona;

45. a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,

46. mme a ba fumantsha mohau ho bohle ba neng ba ba isitse kgolehong.

47. Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.