BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 106:26-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,

27. le ho lahlela lesika la bona hara ditjhaba, le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle.

28. Ba kgomarela Baale-Peore, ba eja mahlabelo a hlabetsweng bafu;

29. ba halefisa Modimo ka diketso tse mpe tsa bona, ho fihlela lefu le befileng le kena hara bona.

30. Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;

31. taba eo a e ballwa, ya eba ho loka ho yena kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.

32. Ba o baka bohale metsing a Meriba, mme Moshe a hlahelwa ke kotsi ka baka la bona;

33. hobane ba halefisa moya wa hae, mme a bua ka molomo wa hae ka potlako.

34. Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,

35. ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;

36. ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.

37. Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,