22. le mehlolo naheng ya Kama, le meeka Lewatleng le Lefubedu.
23. Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.
24. Ba kgesa naha e lakatsehang; ha ba ka ba dumela dipallo tsa wona,
25. ba mpa ba dumaduma ditenteng tsa bona, mme ha ba ka ba ela lentswe la Jehova hloko.
26. Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,
27. le ho lahlela lesika la bona hara ditjhaba, le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle.
28. Ba kgomarela Baale-Peore, ba eja mahlabelo a hlabetsweng bafu;
29. ba halefisa Modimo ka diketso tse mpe tsa bona, ho fihlela lefu le befileng le kena hara bona.
30. Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;
31. taba eo a e ballwa, ya eba ho loka ho yena kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.
32. Ba o baka bohale metsing a Meriba, mme Moshe a hlahelwa ke kotsi ka baka la bona;
33. hobane ba halefisa moya wa hae, mme a bua ka molomo wa hae ka potlako.
34. Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,
35. ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;
36. ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.
37. Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,