BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 106:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!

2. Ke mang ya ka tsebang ho bolela diketso tse phahameng tsa Jehova, le ho bina dithoko tsa hae kaofela?

3. Ho lehlohonolo ba bolokang melao, ba etsang ka ho loka kamehla!

4. Jehova, o nkgopole ka baka la lereko la hao ho setjhaba sa hao; o ntlele ka poloko ya hao,

5. ke tle ke bone lehlohonolo la bakgethwa ba hao, ke ithabise ka thabo ya setjhaba sa hao, ke ithorise hammoho le lefa la hao.

6. Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.

7. Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.

8. Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.

9. A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.

10. A ba namolela letsohong la ya ba hloileng, a ba lwela letsohong la sera;