BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 105:34-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. A bolela, mme ha tla tsie, tsie e sa balweng,

35. e kileng ya qeta jwang kaofela ba naha, ya bo qeta le tse bewang ke masimo a bona.

36. A otla le matsibolo kaofela naheng ya bona, e leng sehlooho sa bonna ba bona.

37. A ba ntsha ba nkile disilefera le dikgauta, ho se motho ya kgathalang melokong ya bona.

38. Baegepeta ba thabela ho tloha ha bona, hobane ba ne ba tshwerwe ke letsoso la bona.

39. A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.

40. Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.

41. A patsola lefika, mme metsi a kolla ho lona, a matha feelleng ka diphororo.

42. Hobane o ne a hopotse lentswe la hae le kgethehileng, a hopotse le Abrahama, mohlanka wa hae.

43. A etsa hore setjhaba sa hae se tlohe ka thabo, le bakgethwa ba hae ka nyakallo.

44. A ba fa mafatshe a dijhaba, ba inkela mesebetsi ya merabe;

45. ba tle ba boloke ditaelo tsa hae, mme ba ye ka melao ya hae. Bokang Jehova!