3. Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe!
4. Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla!
5. Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,
6. lona, lesika la Abrahama, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!
7. Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.
8. O hopola selekane sa hae ka ho sa yeng kae, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete:
9. e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e ane ho Isaaka,
10. eo a kileng a e etsa komelo e tiileng ho Jakobo, le selekane se sa feleng ho Iseraele,
11. a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.
12. Enere ba eso ho be bakae, ba sa fokotse, e sa le basele, ho lona,
13. ba ntse ba sepela le ditjhaba le mebuso le merabe,
14. ha a ka a lesa motho ho ba tuba, a laela marena ka baka la bona, a re:
15. Se ameng batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.
16. Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.
17. A romela motho ho ba etella pele; Josefa a rekelwa ho ba mofo ya ruwang.
18. Ba tshwasa maoto a hae ka difate, a phela jwalo ditshepeng,
19. ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.