BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 105:26-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. A roma Moshe, mohlanka wa hae, le Aarone, eo a neng a mo kgethile;

27. ba etsa meeka hara bona, le mehlolo naheng ya Kama.

28. A romela lefifi, a hlahisa botsho, ba se ke ba hana lentswe la hae.

29. A fetola metsi a bona madi, a fedisa dihlapi tsa bona.

30. Fatshe la bona la tlala dihohwana, tsa kena le ka matlung a marena a bona.

31. A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.

32. A etsa dipula tsa bona sefako, a romela le malakabe a mollo naheng ya bona.

33. A otla merara ya bona le difeiye tsa bona, a robakanya difate tsa naha ya bona.

34. A bolela, mme ha tla tsie, tsie e sa balweng,

35. e kileng ya qeta jwang kaofela ba naha, ya bo qeta le tse bewang ke masimo a bona.

36. A otla le matsibolo kaofela naheng ya bona, e leng sehlooho sa bonna ba bona.

37. A ba ntsha ba nkile disilefera le dikgauta, ho se motho ya kgathalang melokong ya bona.

38. Baegepeta ba thabela ho tloha ha bona, hobane ba ne ba tshwerwe ke letsoso la bona.

39. A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.

40. Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.

41. A patsola lefika, mme metsi a kolla ho lona, a matha feelleng ka diphororo.

42. Hobane o ne a hopotse lentswe la hae le kgethehileng, a hopotse le Abrahama, mohlanka wa hae.

43. A etsa hore setjhaba sa hae se tlohe ka thabo, le bakgethwa ba hae ka nyakallo.