BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 105:11-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.

12. Enere ba eso ho be bakae, ba sa fokotse, e sa le basele, ho lona,

13. ba ntse ba sepela le ditjhaba le mebuso le merabe,

14. ha a ka a lesa motho ho ba tuba, a laela marena ka baka la bona, a re:

15. Se ameng batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.

16. Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.

17. A romela motho ho ba etella pele; Josefa a rekelwa ho ba mofo ya ruwang.

18. Ba tshwasa maoto a hae ka difate, a phela jwalo ditshepeng,

19. ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.

20. Morena wa Egepeta a romela ho mo lokolla, mmusi wa ditjhaba a mo bulela monyako wa teronko,

21. a mmea morena wa ntlo ya hae, le mmusi wa maruo wohle a hae,

22. hore a tle a tlame mahosana a hae kamoo a ratang kateng, a rute matona a hae bohlale.

23. Ebile moo Iseraele a fihlang Egepeta, mme Jakobo a ba mojaki naheng ya Kama.

24. Jehova a atisa setjhaba sa hae haholo, sa eba matla ho fetisa dira tsa sona.

25. A fetola pelo tsa bona, ba ba ba hloya setjhaba sa hae, ba rera timelo ya bahlanka ba hae.

26. A roma Moshe, mohlanka wa hae, le Aarone, eo a neng a mo kgethile;

27. ba etsa meeka hara bona, le mehlolo naheng ya Kama.

28. A romela lefifi, a hlahisa botsho, ba se ke ba hana lentswe la hae.