BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 104:27-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Dibopuwa tseo kaofela di lebeletse wena, hore o di fe dijo tsa tsona ka nako e tshwanetseng.

28. Ha o di fa, di a thola; ha o fuparolla seatla, eba di kgora menono.

29. Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.

30. Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

31. Kganya ya Jehova e ke e hlolehe ka ho sa yeng kae! Jehova a ke a ithabele mesebetsing ya hae.

32. O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.

33. Ke tla binela Jehova ha ke se ntse ke phela, ke rorise Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng.

34. Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.

35. Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!