BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 104:12-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Dinonyana tsa lehodimo di ikgahela pela tsona, di ntsha melodi ya tsona makaleng a difate.

13. O nosetsa dithaba a le tlung ya hae e phahameng, mme lefatshe le kgora ditholwana tsa mesebetsi ya hae.

14. O medisetsa makgomo jwang, o nea batho dimela tse ba lokelang; o ntsha bohobe bolemeng ba mobu,

15. le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.

16. Difate tsa Jehova di kgotshe, e leng dikedare tsa Lebanone tseo a di hlomileng,

17. moo dinonyana di ikgahelang dihlaha tsa tsona teng, moo mokotatsie o dutseng hodima dikiprese.

18. Thaba tse phahameng ke tsa dikome, mme mafika ke setshabelo sa dipela.

19. O entse kgwedi, ngwaha o tle o arohanngwe ke yona; letsatsi le tseba ho phirima ha lona.

20. O etsa lefifi, mme ho be bosiu; yaba ke ha dibatana tsohle tsa meru di itsamaela,

21. ditawana di puruma, di batla kgapo, di batla dijo tsa tsona ho Modimo.

22. Letsatsi ha le tjhaba, di kgutle, di bothe mesimeng ya tsona.

23. Ebe motho o tswela tshebetsong ya hae le mosebetsing wa hae ho fihlela mantsiboya.

24. Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.

25. Lewatleng le leholo leo, le phatlaletseng, ho tletse dihlapi tse sa balweng, tse nyenyane le tse kgolo.