BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 102:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, mamela thapelo ya ka, modumaelo wa ka o ke o fihle pela hao!

2. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao ka letsatsi la matswalo a ka! O ntshekehele tsebe, ha ke bitsa ho wena! Phakisa o nkarabe!

3. Hobane matsatsi a ka a timela jwaloka mosi, masapo a ka a tjhese jwaloka letlapa la leifo;

4. pelo ya ka e tjhele, e omeletse jwaloka jwang; ke lebala le ho ja bohobe ba ka.

5. Ka baka la ho bokolla ha ka, masapo a ka a kgomaretse dinama tsa ka.

6. Ke tshwana le moholodi wa lefeella, ke jwaloka sephooko sa dithako.

7. Ke timeletswe ke boroko, ke tshwana le nonyana e emeng e innotshi sehlohlolong sa ntlo.

8. Ke songwa ka matsatsi wohle ke dira tsa ka; ba ntse ba ntlhanyetsa, ba nka lebitso la ka ho hlapaola ka lona.

9. Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,

10. ka baka la kgalefo ya hao le la bohale ba hao bo tukang. Efela o ile wa ntshwara, wa ntihela fatshe.

11. Matsatsi a ka a jwaloka moriti o otlolohang, ke omella jwaloka jwang.

12. Empa wena, Jehova, o hlola ka ho sa feleng, mme lebitso la hao le tla hopolwa melokong le melokong.

13. O tla tsoha, o hauhele Sione, hobane e se e le nako ya ho mo utlwela bohloko; e, nako e lekantsweng e tlile.

14. Hobane bahlanka ba hao ba rata majwe a Sione, ba utlwela lerole la hae bohloko.

15. Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.

16. Etlare ha Jehova a tsosa Sione, o tla hlaha kganyeng ya hae;

17. o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.