2. Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.
3. Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.
4. Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.
5. Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.
6. Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.