BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 10:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,

3. hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.

4. Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.

5. Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.

6. Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.

7. Molomo wa hae o tletse dithohako le thetso le bolotsana; leleme la hae le patile lonya le bokgopo.

8. O laletse pela metsana; o bolaya ya se nang molato nqalong tse sephiring; mahlo a hae a lalla ya madimabe.

9. O nanara ka sephiring jwaloka tau letsabeng la yona; o laletse ho tshwara ya madimabe; o tshwara ya madimabe, o mo hulanya letloweng la hae.

10. O a kgukguna, o a kgasa, mme ba madimabe ba wela marong a hae.

11. Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!

12. Tsoha, Jehova! Oho Modimo, otlollela letsoho la hao hodimo. O se ke wa lebala ba madimabe!