BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 10:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Tsoha, Jehova! Oho Modimo, otlollela letsoho la hao hodimo. O se ke wa lebala ba madimabe!

13. Na ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ha a re pelong ya hae: Ha o batlisise?

14. Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.

15. Roba letsoho la ya kgopo, o batlisise bokgopo ba motho e mobe, ho fihlela o sa hlole o mo fumana.

16. Jehova ke Morena wa kamehla, ya sa feleng. Baditjhaba ba fediswa lefatsheng la hae.

17. Jehova o utlwa merapelo ya ba tshwenyehang.

18. Tiisa pelo tsa bona, o sekehele tsebe tsa hao, o lokisetse kgutsana le mofutsana, hore motho a se hlole a hlahisa letsoso lefatsheng.