1. Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?
2. Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,
3. hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.
4. Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.
5. Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.
6. Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.
7. Molomo wa hae o tletse dithohako le thetso le bolotsana; leleme la hae le patile lonya le bokgopo.
8. O laletse pela metsana; o bolaya ya se nang molato nqalong tse sephiring; mahlo a hae a lalla ya madimabe.
9. O nanara ka sephiring jwaloka tau letsabeng la yona; o laletse ho tshwara ya madimabe; o tshwara ya madimabe, o mo hulanya letloweng la hae.
10. O a kgukguna, o a kgasa, mme ba madimabe ba wela marong a hae.