BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 1:3-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.

4. Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya;

5. le kahlolong bakgopo ba ke ke ba ema, leha e le baetsadibe phuthehong ya ba lokileng.

6. Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.