BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 7:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;

4. hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.

5. Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.

6. Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.

7. Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.

8. Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.

9. Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;

10. o busetsang pontsheng ho ba o hloyang ka ho ba timetsa. Ha a diehe ho otla ya mo hloyang, a busetse ho eena pontsheng.

11. Ha ho le jwalo, boloka ditaelo, le melao, le dikahlolo tseo ke o laelang tsona kajeno hore o etse ka tsona.

12. Ha le fela le ka utlwa ditaelo tseo, la di boloka, mme la etsa ka tsona, Jehova, Modimo wa hao, o tla o bolokela selekane le mohau, kamoo a anetseng bontatao kateng.

13. O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.