BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 7:18-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. o se ke wa di tshaba, o mpe o hopole tseo Jehova, Modimo wa hao, a di entseng ho Faro le ho Baegepeta kaofela.

19. Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.

20. Hape, Jehova, Modimo wa hao, o tla romela diboba ho ya lwantsha ditjhaba tseo, ho fihlela ba setseng le ba ipatileng pela hao ba fela.

21. O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.

22. Jehova, Modimo wa hao, o tla falatsa ditjhaba tseo pela hao butle; o ke ke wa di qeta kaofela hang, esere mohlomong dibatana tsa naha tsa o atela haholo;

23. empa Jehova, Modimo wa hao, o tla o neela ditjhaba tseo, a di tshose ka tshoho e tshabehang, di be di fediswe.

24. O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.

25. Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.

26. O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.