BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 7:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,

2. ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.

3. O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;

4. hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.

5. Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.

6. Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.

7. Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.