BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 6:3-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.

4. Utlwa, Iseraele! Modimo wa rona ke Jehova, Jehova a nnotshi.

5. Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.

6. Ditaelo tseo ke o laelang tsona kajeno, di be pelong ya hao.

7. O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.

8. O di tlame matsohong a hao hore e be dipontsho ho wena, mme di be jwaloka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao.

9. O di ngole difateng tsa menyako ya ntlo ya hao, le mamating a yona.

10. Etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo, hore o tla o nea lona, e leng metse e meholo, e metle, eo o sa kang wa e haha,

11. le matlo a tletseng menono yohle, a sa kang a tlatswa ke wena, le didiba tse tjhekilweng, tseo o sa kang wa di tjheka, le merara, le mehlwaare eo o sa kang wa e hloma, mme ha o se o jele, o kgotse;

12. o iponele hore o se lebale Jehova ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.

13. Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.

14. Le se ke la latela medimo esele, medimo ya ditjhaba tse ahileng kamathoko ho lona;

15. hobane Jehova, Modimo wa hao, ya leng ha eno, ke Modimo o boulelang. Bohale ba Jehova, Modimo wa hao, bo ka o tukela, mme Jehova a ka o timetsa lefatsheng.

16. Se lekeng Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le mo lekile Massa.

17. Bolokang ka ho tiya ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, le dikahlolo tsa hae, le melao eo a o laetseng yona.