BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 6:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.

14. Le se ke la latela medimo esele, medimo ya ditjhaba tse ahileng kamathoko ho lona;

15. hobane Jehova, Modimo wa hao, ya leng ha eno, ke Modimo o boulelang. Bohale ba Jehova, Modimo wa hao, bo ka o tukela, mme Jehova a ka o timetsa lefatsheng.

16. Se lekeng Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le mo lekile Massa.

17. Bolokang ka ho tiya ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, le dikahlolo tsa hae, le melao eo a o laetseng yona.

18. O etse se lokileng le se molemo pela mahlo a Jehova, o tle o iketle, mme o kene, o rue lefatshe le molemo leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla ba fa lona,

19. ka ho lelekisa pela hao dira tsohle tsa hao, jwalokaha Jehova a boletse.

20. Etlere ha mora wa hao a o botsa kamoso, a re: Na ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng tsona, di reng?

21. O tle o bolelle mora wa hao, o re: Re ne re le bafo ba Faro Egepeta, mme Jehova o re ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla;

22. Jehova o entse dipontsho le mehlolo e meholo e tshabehang pela mahlo a rona, ho lwantsha Egepeta le Faro, le ntlo ya hae kaofela ha yona;

23. o re ntshitse teng, hore a re tlise kwano ho re nea lefatshe leo a neng a anetse bontata rona, hore o tla re nea lona.

24. Jehova o re laetse ho etsa ka melao eo kaofela, re ntse re tshaba Jehova, Modimo wa rona, re tle re be le lehlohonolo kamehla, mme re bolokwe ke yena, jwaloka kajeno.

25. Mme hoo e tla ba ho loka ha rona, ha re tiya ho boloka ditaelo tseo tsohle pela Jehova, Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse.