BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 5:23-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Eitse ha le utlwa lentswe le buang hara lefifi, thaba e ntse e tuka mollo kahohle la nkatamela, lona dihlooho tsohle tsa meloko ya lona, le baholo ba lona;

24. la re: Bona, Jehova, Modimo wa rona, o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae; re utlwile lentswe la hae, le buang le le hara mollo; re bone kajeno ha Modimo o bua le motho, mme motho a phela.

25. Empa jwale, re ka shwelang? Athe mollo oo o moholo o ya re qeta. Ha re ka boela ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, re tla shwa.

26. Hobane motho ke ofe ya utlwileng lentswe la Modimo o utlwang, o buang o le hara mollo, jwalokaha re le utlwile, mme a phela?

27. Wena, atamela, o mamele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bua, mme wena o tle o re phetele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla o bolella tsona, mme re tla di mamela, re di etse.

28. Jehova a mamela dipolelo tsa lona, ha le bua le nna; Jehova a re ho nna: Ke utlwile dipolelo tseo setjhaba seno se o boleletseng tsona; tsohle tseo ba di boletseng ba di buile hantle.

29. Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!

30. Eya, o re ho bona: Boelang ditenteng tsa lona.

31. Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.

32. Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.

33. Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.