BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 5:15-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.

16. Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.

17. O se ke wa bolaya.

18. O se ke wa feba.

19. O se ke wa utswa.

20. O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.

21. U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.

22. Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.

23. Eitse ha le utlwa lentswe le buang hara lefifi, thaba e ntse e tuka mollo kahohle la nkatamela, lona dihlooho tsohle tsa meloko ya lona, le baholo ba lona;

24. la re: Bona, Jehova, Modimo wa rona, o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae; re utlwile lentswe la hae, le buang le le hara mollo; re bone kajeno ha Modimo o bua le motho, mme motho a phela.

25. Empa jwale, re ka shwelang? Athe mollo oo o moholo o ya re qeta. Ha re ka boela ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, re tla shwa.