BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 5:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. mme ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.

11. O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao; hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso hae.

12. Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.

13. O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, o etse mosebetsi wa hao wohle;

14. empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka lona, leha e le wena, leha e le mora wa hao, kapa morali wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hao, leha e le esele ya hao, leha e le phoofolo e nngwe ya hao, leha e le moeti wa hao ya menyakong ya hao; hore mohlanka wa hao e motona le e motshehadi ba phomole jwaloka wena.

15. O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.

16. Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.

17. O se ke wa bolaya.

18. O se ke wa feba.

19. O se ke wa utswa.

20. O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.

21. U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.

22. Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.

23. Eitse ha le utlwa lentswe le buang hara lefifi, thaba e ntse e tuka mollo kahohle la nkatamela, lona dihlooho tsohle tsa meloko ya lona, le baholo ba lona;