BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 5:1-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.

2. Jehova, Modimo wa rona, o entse selekane le rona Horebe.

3. Jehova ha a ka a etsa selekane seo le bontata rona, empa o se entse le rona bohle bao re leng mona, re sa phelang kajeno.

4. Jehova o buile le lona, difahleho di tadimane, a le thabeng, hara mollo.

5. Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:

6. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.

7. O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.

8. O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho se seng sa tse hodimo mahodimong, leha e le sa tse tlase lefatsheng, leha e le sa tse metsing katlase ho lefatshe.

9. O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;

10. mme ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.

11. O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao; hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso hae.

12. Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.

13. O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, o etse mosebetsi wa hao wohle;

14. empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka lona, leha e le wena, leha e le mora wa hao, kapa morali wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hao, leha e le esele ya hao, leha e le phoofolo e nngwe ya hao, leha e le moeti wa hao ya menyakong ya hao; hore mohlanka wa hao e motona le e motshehadi ba phomole jwaloka wena.

15. O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.

16. Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.

17. O se ke wa bolaya.

18. O se ke wa feba.

19. O se ke wa utswa.