BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:47-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Ba hapa naha ya hae le naha ya Oge, morena wa Bashane, e leng marena a mabedi a Baamore a neng a ahile mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi.

48. Ba nka naha ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Hermone,

49. hammoho le lehwatata lohle le mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi, ho isa Lewatleng la Lehwatata, tlasa Pisga.