BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:4-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Athe lona ba ileng ba kgomarela Jehova, Modimo wa lona, le sa ntsane le phela le kajeno kaofela ha lona.

5. Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.

6. Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.

7. Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?

8. Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?

9. Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.

10. Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.

11. La atamela, mme la ema tlasa thaba, mme thaba e ne e tuka ke mollo o fihlang lehodimong; ho ne ho le lefifi, le maru, le botsho.

12. Jehova a bua le lona, a le hara mollo; la na la utlwa modumo wa mantswe, le mpa le sa bone sebopeho sa hae, le utlwa lentswe feela.

13. A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.

14. Mohlang oo, Jehova a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo, hore le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.

15. Lebelang meya ya lona haholo; hobane ha le a ka la bona sebopeho leha se le seng letsatsing leo Jehova a buileng le lona Horebe, a le hara mollo;

16. esere la itshenya, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, e leng setshwantsho sa ntho e nngwe, leha e le setshwantsho sa monna, kapa sa mosadi,

17. leha e le setshwantsho sa phoofolo e leng teng lefatsheng, leha e le setshwantsho sa nonyana e rurang sebakeng,

18. leha e le setshwantsho sa ntho e hahabang fatshe, leha e le setshwantsho sa hlapi e phelang metsing katlase ho lefatshe.

19. Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.