BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:37-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,

38. hore a falatse pela hao ditjhaba tseo o fetang ka boholo le ka matla, hore a tle a o kenye lefatsheng la tsona, mme a o nee lona, hore e be lefa la hao jwalokaha ho le jwalo kajeno.

39. Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.

40. Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.

41. Yaba Moshe o kgetha metse e meraro mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi;

42. hore ho balehele teng mmolai ya bolaileng wa habo e seng ka boomo, a sa mo hloya maobane leha e le maoba, mme a pholohe ka ho balehela ho o mong wa metse eo.

43. Ke Betsere, feelleng, lehwatateng, naheng ya Barubene; le Ramothe-Gileade, naheng ya Bagade; le Golane, Bashane, naheng ya Bamanasse.

44. Ke ona molao oo Moshe a kileng a o beela bana ba Iseraele.

45. Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,

46. ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.

47. Ba hapa naha ya hae le naha ya Oge, morena wa Bashane, e leng marena a mabedi a Baamore a neng a ahile mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi.