BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:35-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.

36. A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.

37. Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,

38. hore a falatse pela hao ditjhaba tseo o fetang ka boholo le ka matla, hore a tle a o kenye lefatsheng la tsona, mme a o nee lona, hore e be lefa la hao jwalokaha ho le jwalo kajeno.

39. Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.

40. Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.

41. Yaba Moshe o kgetha metse e meraro mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi;

42. hore ho balehele teng mmolai ya bolaileng wa habo e seng ka boomo, a sa mo hloya maobane leha e le maoba, mme a pholohe ka ho balehela ho o mong wa metse eo.

43. Ke Betsere, feelleng, lehwatateng, naheng ya Barubene; le Ramothe-Gileade, naheng ya Bagade; le Golane, Bashane, naheng ya Bamanasse.

44. Ke ona molao oo Moshe a kileng a o beela bana ba Iseraele.