BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:26-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.

27. Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.

28. Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.

29. Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.

30. Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.

31. Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o mohau; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o timetsa, mme a ke ke a lebala selekane sa bontatao, seo a ba hlapanyeditseng sona.

32. Botsa he ditaba tsa mehla ya boholoholo, tsa mohla o neng o sa ntsane o le siyo, ho qala ka tsatsi leo Modimo o neng o bope motho lefatsheng, le ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe, na taba e kalo e se e kile ya hlaha, kapa e jwalo e se e kile ya utlwahala na?

33. Na se teng setjhaba se seng se utlwileng lentswe la Modimo o buang o le hara mollo, jwalokaha o le utlwile wena, sa ba sa phela na?

34. Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?