BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:24-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke mollo o timeletsang, ke Modimo o boulelang.

25. Etlare hobane o tswale bana le ditloholo, ha e se e le kgale le ahile lefatsheng leo, ekare ha le ka itshenya, la etsa setshwantsho se betlilweng, kapa setshwantsho sa eng le eng, mme la etsa tse mpe pela Jehova, Modimo wa hao, la mo halefisa,

26. kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.

27. Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.

28. Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.

29. Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.

30. Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.

31. Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o mohau; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o timetsa, mme a ke ke a lebala selekane sa bontatao, seo a ba hlapanyeditseng sona.