BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.

20. Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

21. Empa Jehova a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jordane, leha e le ho kena lefatsheng le molemo leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona e be lefa la hao.

22. Haele nna, ke tla shwela naheng ena; ha nka ke ka tshela Jordane; empa lona le tla e tshela, hape le tla rua lefatshe leno le molemo.

23. Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.

24. Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke mollo o timeletsang, ke Modimo o boulelang.