14. Mohlang oo, Jehova a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo, hore le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.
15. Lebelang meya ya lona haholo; hobane ha le a ka la bona sebopeho leha se le seng letsatsing leo Jehova a buileng le lona Horebe, a le hara mollo;
16. esere la itshenya, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, e leng setshwantsho sa ntho e nngwe, leha e le setshwantsho sa monna, kapa sa mosadi,
17. leha e le setshwantsho sa phoofolo e leng teng lefatsheng, leha e le setshwantsho sa nonyana e rurang sebakeng,
18. leha e le setshwantsho sa ntho e hahabang fatshe, leha e le setshwantsho sa hlapi e phelang metsing katlase ho lefatshe.
19. Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.
20. Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
21. Empa Jehova a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jordane, leha e le ho kena lefatsheng le molemo leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona e be lefa la hao.