BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 4:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.

2. Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.

3. Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng ka baka la Baale-Peore, kamoo Jehova, Modimo wa hao, a timeditseng hara lona bohle ba neng ba latetse Baale-Peore kateng.

4. Athe lona ba ileng ba kgomarela Jehova, Modimo wa lona, le sa ntsane le phela le kajeno kaofela ha lona.

5. Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.

6. Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.

7. Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?

8. Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?

9. Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.

10. Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.