BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 33:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.

17. Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.

18. Haele bakeng sa Sabulone, a re: Thaba, Sabulone, ho tsweng ha hao; le wena Issaskare, o thabe ditenteng tsa hao.

19. Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.

20. Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho.

21. O ipatletse dilopotsiya tsa naha, kahobane kabelo ya mmei wa molao e boloketswe yena hona teng; o tsamaya le dihlooho tsa setjhaba; o entse ho loka ha Jehova le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng Iseraele.

22. Haele tsa Dane, a re: Dane ke tauana, o tla tlola, a le Bashane.

23. Haele tsa Nefthali, a re: Nefthali, o kgotshe melemo, mme o tletse hlohonolofatso ya Jehova. Rua Bophirimela le Borwa.

24. Haele bakeng sa Asere, a re: Asere o tla hlohonolofatswa ke bana, o tla ratwa ke banababo, mme a tsobunye maoto a hae oleng.

25. Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao.

26. Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.

27. Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!

28. Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.

29. O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.