10. Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.
11. Jehova, hlohonolofatsa matla a bona, mme o amohele mosebetsi wa matsoho a bona! Hlaba matheka a ba ba tsohelang matla le a ba ba hloileng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.
12. Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.
13. Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo;
14. le ka tse monate tse mediswang ke letsatsi le ka tse monate tse melang ka dikgwedi tsohle;
15. le ka tse molemo tsa dithaba tsa kgale, le ka tsa bohlokwa tsa maralla a kamehla,
16. le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.
17. Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.
18. Haele bakeng sa Sabulone, a re: Thaba, Sabulone, ho tsweng ha hao; le wena Issaskare, o thabe ditenteng tsa hao.
19. Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.
20. Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho.