BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 33:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.

2. A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.

3. Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.

4. Moshe o re laetse molao, e leng lefa la phutheho ya Jakobo.

5. E ne e le morena ho Jeshurune, ha dihlooho tsa setjhaba di ne di bokane di ena le meloko ya Iseraele.

6. Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane.

7. Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae.

8. Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;

9. ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.

10. Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.