BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 32:40-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Hobane ke emisetsa letsoho la ka lehodimong, mme ke re: Ke phela ka ho sa feleng!

41. Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.

42. Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.

43. Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.

44. Moshe a tla, mme a bolela mantswe wohle a sefela sena ditsebeng tsa setjhaba, a ena le Joshua, mora Nune.

45. Eitse hobane Moshe a qete ho bolella Baiseraele bohle mantswe ao wohle,

46. a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.

47. Hobane hase lentswe la lefeela leo le le beelwang, empa ke bophelo ba lona, mme ke ka lentswe lena le tla ngatafatsa matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.

48. Ka lona letsatsi leo, Jehova a bolella Moshe, a re:

49. Nyolohela thabeng eo ya Abarime, qhoweng ya Nebo, e naheng ya Moabe, mabapa le Jeriko, mme o tadime lefatshe la Kanana leo ke le neang bana ba Iseraele, ba tle ba le rue.

50. O tla shwela thabeng eo o tla nyolohela ho yona, mme o tla phuthelwa ditjhabeng tsa heno, jwaloka Aarone, ngwaneno, ya shweleng thabeng ya Hore, mme a phuthetswe ditjhabeng tsa habo;

51. kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.

52. Hobane o tla bona lefatshe le le pela hao, empa o ke ke wa kena ho lona, e leng lefatshe leo ke le neang bana ba Iseraele.