BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 32:26-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Nka be ke itse: Ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona hara batho,

27. hoja ke sa ka ka tshaba phephetso ya dira, le hore bao e leng dira ho bona ba ka fosa ditaba, ba re: Matsoho a rona a phahame, ntho tseo kaofela hase Jehova ya di entseng.

28. Hobane ke setjhaba se hlokang kelello; ha ho kutlwisiso ho bona.

29. Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!

30. Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?

31. Hobane lefika la bona ha le jwaloka Lefika la rona; esita le bao e leng dira ho rona, ba ka ahlola jwalo.

32. Hobane morara wa bona o tswa morareng wa Sodoma le masimong a Gomorra ditholwana tsa bona ke ditholwana tse nang le mahloko, ditholwana tsa bona di a baba.

33. Veine ya bona ke mahloko a didrakone, ke mahloko a bolayang a qowane.

34. Na taba tseo ha di a bokellwa ho nna, ha di a kwahelwa matlotlong a ka na?

35. Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.

36. Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.

37. O tla re: Medimo ya bona e kae na? Le kae lefika leo ba le tshepileng?