BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 32:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. A etsa jwaloka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima wona, e emisa mapheo a yona, e nka bana ba yona, mme e ba pepa mapheong a yona.

12. Jehova o mo tsamaisitse e le yena a nnotshi; mme ho ne ho se modimo osele le yena.

13. O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;

14. o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.

15. Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.

16. Ba o bouledisitse ka medimo esele, ba o halefisitse ka manyala.

17. Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.

18. O lahlile Lefika le o entseng, o lebetse Modimo o o tswetseng.

19. Jehova o bone hoo, mme kgalefong ya hae o lahlile bara ba hae le baradi ba hae;

20. mme o itse: Ke tla ba patela sefahleho sa ka, mme ke tla bona qetello ya bona hore na e tla ba eng? Hobane ke mofuta o kgelohileng, ke bana ba ke keng ba tshepjwa.