BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 31:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova o tla etsa ka ditjhaba tseo jwalokaha a entse ka Sihone le ka Oge, marena a Baamore, le ka naha ya bona, kamoo a ba fedisitseng kateng.

5. Jehova o tla neela ditjhaba tseo matsohong a lona, le tle le di etse ka ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona.

6. Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.

7. Moshe a bitsa Joshua, pontsheng ho Baiseraele kaofela, a re ho yena: Iphe matla, mme o tiye pelo; hobane ke wena ya tla kena le setjhaba sena lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata bona hore o tla ba fa lona.

8. Jehova, ka sebele sa hae, o tla o etella pele; o tla ba le wena, mme a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla; se tshabe, mme o se ke wa tepella.

9. Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.

10. Moshe a ba laela, a re: Qetellong ya dilemo tse supileng, ka selemo sa teselo, moketeng wa Metlotlwane,

11. ha Baiseraele bohle ba tlile ho itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e khetha, o tla bala molao ona pela Baiseraele kaofela, ba tle ba o utlwe.

12. O tla phutha setjhaba, banna, le basadi, le bana, le moditjhaba ya metseng ya hao, ba tle ba utlwe, mme ba ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho etsa ditaba tsohle tsa molao ona.

13. Bana ba bona ba sa kang ba tseba ditaba tseo, ba tla utlwa, mme ba tla ithuta ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.