BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 31:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?

18. Mohlang oo, ruri ke tla pata sefahleho sa ka ka baka la bobe bohle boo ba tla bo etsa; hobane etlaba ba fapohile, ba tle ba latele medimo e meng.

19. Jwale he, le ingolleng sefela sena, mme o se rute bana ba Iseraele, o se bee melomong ya bona hore sefela sena e tle e be paki ya ka ho bana ba Iseraele.

20. Hobane ke ya isa setjhaba sena lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba nea lona; etlare ha ba jele ba kgotse, ba nonne, ba tla kgelohela ho medimo esele, ba e sebeletse; ba tla nkgesa, ba tla tlola selekane sa ka.

21. Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.

22. Moshe a ngola sefela sena hona mohlang oo, mme a se ruta bana ba Iseraele.

23. Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.

24. Eitse hobane Moshe a qete ho ngola ditaba tsa molao oo bukeng, ho sa hlokwe leha e le e nngwe,

25. a laela Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, a re:

26. Nkang buka ena ya molao, mme le e bee haufi le areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, e tle e be paki ho wena hona teng.

27. Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!

28. Mphutheleng baholo bohle ba meloko ya lona, le bahlahlobi ba lona, mme ke tla ba bolella ditaba tsena, ba tle ba di utlwe; mme ke tla bitsa lehodimo le lefatshe ho ba dipaki ho bona.

29. Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.