BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 30:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Wena, o tla boela o utlwe lentswe la Jehova, o boloke ditaelo tsohle tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno;

9. Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya matsoho a hao, dintho di tle di tlale ho wena; a o hlohonolofatse baneng ba tswalwang ke wena, le ho tse tswalwang ke makgomo a hao, le ho tse behwang ke lefatshe la hao. Hobane Jehova o tla boela a ithatele ho o etsa hantle, jwalokaha a ne a thabetse bontatao.

10. Ke ha o fela o ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, wa boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tse ngodilweng bukeng ena ya molao, mme wa sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao.

11. Hobane taelo eo ke o laelang yona kajeno, hase e phahameng haholo hore e ka o sita, mme ha e hole le wena.

12. Ha e lehodimong moo o ka reng: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong bakeng sa rona, ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?

13. Hape, ha e mose wane ho lewatle leo o ka reng: Ke mang ya tla tshela lewatle bakeng sa rona ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?

14. Empa lentswe le haufiufi le wena, le molomong wa hao, le ka pelong ya hao, hore o etse ka lona.

15. Lemoha, kajeno ke beile pela hao bophelo le molemo, lefu le bobe.

16. Hobane ke a o laela kajeno hore o rate Jehova, Modimo wa hao, le ho tsamaya tseleng tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, o tle o phele, o ngatafale, mme Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse naheng eo o yang ho e rua.