BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 30:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ha o sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwa lentswe la hae, wena, le bana ba hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, kahohle kamoo ke o laelang kateng kajeno,

3. Jehova, Modimo wa hao, o tla o kgutlisa kgolehong ya hao, mme o tla o hauhela, a boele a o bokelle ditjhabeng tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o qhalanyeditseng hara tsona.

4. Esita le hoja ba bang ba hao ba qhalantsweng ba ka ba pheletsong ya lehodimo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phutha teng, a o late hona teng.

5. Jehova, Modimo wa hao, o tla o busetsa lefatsheng leo bontatao ba kileng ba le rua, mme o tla le rua; mme o tla o etsa hantle, a o ngatafatse haholo ho fetisa bontatao.

6. Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.

7. Jehova, Modimo wa hao, o tla bea dithohako tseo tsohle hodima dira tsa hao; le hodima ba o hloyang, ba o hlorisang.

8. Wena, o tla boela o utlwe lentswe la Jehova, o boloke ditaelo tsohle tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno;

9. Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya matsoho a hao, dintho di tle di tlale ho wena; a o hlohonolofatse baneng ba tswalwang ke wena, le ho tse tswalwang ke makgomo a hao, le ho tse behwang ke lefatshe la hao. Hobane Jehova o tla boela a ithatele ho o etsa hantle, jwalokaha a ne a thabetse bontatao.

10. Ke ha o fela o ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, wa boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tse ngodilweng bukeng ena ya molao, mme wa sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao.

11. Hobane taelo eo ke o laelang yona kajeno, hase e phahameng haholo hore e ka o sita, mme ha e hole le wena.

12. Ha e lehodimong moo o ka reng: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong bakeng sa rona, ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?